KEREITI YA 12
MATSHWAO: 80 NAKO: Dihora tse 2½ Pampiri ena e na le maqephe a 22.
PAMPIRI YA BOBEDI (P2)
DITAELO LE DIKELETSO HO MOHLAHLOBUWA
Bala dintlha tse hlahellang leqepheng lena ka hloko PELE o qala ho araba dipotso. Se ke wa latella ho bala pampiri yohle. Tadima pele karolo e hlahisang dikahare tsa pampiri leqepheng le latelang, mme o tshwaye dinomoro tsa dipotso tse botsitsweng dibukeng tseo o ithutileng tsona selemong sena. Ka mora hoba o etse sena, bala dipotso tseo, mme e be o kgetha tseo o ratang ho di araba. Pampiri ena e arotswe dikarolo tse THARO, e leng: KAROLO YA A: Dithothokiso (matshwao a 30) KAROLO YA B: Padi/nobele (matshwao a 25) KAROLO YA C: Tshwantshiso/terama (matshwao a 25) Badisisa ditaelo TSOHLE tse hlahiswang qalong ya karolo e nngwe le e nngwe ka hloko. O lokela ho araba dipotso tse HLANO kaofela:
Tse THARO karolong ya A
E le NNGWE karolong ya B le
E le NNGWE karolong ya C.
Nomora dikarabo tsa hao jwalo feela ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ena ya dipotso. Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng LE LETJHA, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe. Mohlahlobuwa o eletswa ho sebedisa nako ya hae ka mokgwa o latelang:
Metsotso e 40 karolong ya A
Metsotso e 55 karolong ya B le
Metsotso e 55 karolong ya C
Ngola ka mongolo o makgethe mme o balehang.
LEQEPHE LA DIKAHARE:
Dintlha tse hlahisitsweng leqepheng lena di tla thusa mohlahlobuwa ho kgetha dipotso tseo a ratang ho di araba ntle le ho qobelleha hore a bale pampiri yohle.
KAROLO YA A: DITHOTHOKISO Dithothokiso tseo mohlahlobuwa a ithutileng tsona: Araba dipotso dife le dife feela tse PEDI ho tsona.
NOMORO YA POTSO
MOFUTA WA POTSO
MATSHWAO
Thothokiso ya 1 - Ebang o potlaka
Mofuta wa potso e telele (ya moqoqo)
KAPA
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane
KAPA
Thothokiso ya 3 - Peo ena
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane
KAPA
Thothokiso ya 4 - Kodiamalla
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane
MMOHO LE Thothokiso eo mohlahlobuwa a sa ithutang yona: Potso E TLAMANG ho arajwa ke BOHLE (mohlahlobuwa e mong le e mong): Araba potso e le NNGWE (efe kapa efe ho tse pedi tsena):
Thothokiso ya 1 - Leribe
Mofuta wa potso e telele (ya moqoqo)
KAPA
Thothokiso ya 2 - Marothodi a letsatsi
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane
KAROLO YA B: PADI/NOBELE Araba potso e le NNGWE feela ho tsena:
NOMORO YA POTSO
MOFUTA WA POTSO
MATSHWAO
Padi/nobele ya 1 - Botsang lebitla
Mofuta wa potso e telele (ya moqoqo)
KAPA
Padi/nobele ya 1 - Botsang lebitla
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane
KAPA
Mofuta wa potso e telele (ya moqoqo)
KAPA
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane
KAPA
Padi/nobele ya 3 - Mme
Mofuta wa potso e telele (ya moqoqo)
KAPA
Padi/nobele ya 4 - Mme
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane
KAROLO YA C: TSHWANTSHISO/TERAMA Araba potso e le NNGWE feela ho tsena:
NOMORO YA POTSO
MOFUTA WA POTSO
MATSHWAO
Tshwantshiso ya 1 - Seyalemoya
Mofuta wa potso e telele (ya moqoqo)
KAPA
Tshwantshiso ya 1 - Seyalemoya
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane
KAPA
Mofuta wa potso e telele (ya moqoqo)
KAPA
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane
ELA HLOKO: Karolong ya B le ya C araba potso e le NNGWE ya mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) le e le NNGWE ya mofuta wa dipotso tse kgutshwane.
Lenanenetefatso: Sebedisa lenanenetefatso lena ho netefatsa hore na e fela o arabile dipotso tse hlokehang.
KAROLO YA
NOMORO TSA DIPOTSO
PALO YA DIPOTSO TSE LOKELANG HO ARAJWA
TSHWAYA (v)
A: DITHOTHOKISO Potso e telele (ya moqoqo) KAPA dipotso tse kgutshwane (tseo o ithutileng tsona)
A: DITHOTHOKISO Potso e telele (ya moqoqo) KAPA dipotso tse kgutshwane (tseo o sa ithutang tsona)
B: PADI/NOBELE Potso e telele (ya moqoqo) KAPA dipotso tse kgutshwane
C: TSHWANTSHISO/TERAMA Potso e telele (ya moqoqo) KAPA dipotso tse kgutshwane
ELA HLOKO: Karolong ya B le ya C araba potso e le NNGWE ya mofuta wa POTSO E TELELE (YA MOQOQO) le e le NNGWE ya mofuta wa DIPOTSO TSE KGUTSHWANE.
KAROLO YA A: DITHOTHOKISO Karolong ena o botsitswe dithothokiso tse TSHELETSENG (Potso ya 1 - 6). Araba potso tse THARO feela karolong ena.
POTSO YA 1
THOTHOKISO YA 1 Bala thothokiso ena ka tlhoko, ebe o araba dipotso tse tla e latela
Ebang o potlaka [R.N. Phume] 1 O tla sudubana po! 2 O tla koma lehlabathe, 3 O tla phumuha melomo 4 O tlabohe dinala; 5 O swabe, o sulafallwe, 6 O sulafallwe ruri le hona. 7 Potlapotla le ja podi 8 Wa thaka; athe sisitheho 9 Lona le ja ya tonana kgomo. 10 Ithute ke hona ana 11 Maele wa thaka, hlalefa, 12 Hlalefa ke hona o ikgethele; 13 Kgetha podi, kgetha kgomo, 14 Kgetha ke hona, kgetsi kapa tjhelete!
DIPOTSO:
Ngola ka mantswe a 250 - 300 o bontshe/hlalose makgabane/dihlomo/dibetsa tsa bothothokisi tseo sethothokisi se di sebedisitseng thothokisong ena. Karabong ya hao, o qoqe ka makgabane a SENG KA TLASE ho a MARARO mme o be o totobatse bohlokwa ba makgabane ao thothokisong ena.
Matshwao:
KAPA
POTSO YA 2
THOTHOKISO YA 2 Bala qotso ena ya thothokiso ka tlhoko, ebe o araba dipotso tse tla e latela:
Raleqheka [K. E. Ntsane] 1 A bua le mosadi a rapela - 2 "Nkadime mose ke pheme lerumo, 3 Lona basadi Seshophe o a le hlompha, 4 O feta feela a sa botse." 5 Hloho sa bonna ke se seholo, 6 Ke sa ngwane motona kabelwamanong, 7 Kabelwamanong tse tshweu, matlaka, 8 Nong tsa kwenya kgomo le motho. 9 Raleqheka ho mpa ho hana lebitso, 10 Eba jwale a bitswa Mmaleqheka ho qeta, 11 Hoba jwale ke mosadi, ke kgomohadi, 12 Ho so hana lebitso ho hana ditedu. 13 A kena hlopheng sa basadi a tsoka setono, 14 A lekisa tekatsi le bona dikwete. 15 A pele Matshekga a feta pitsi di matha, 16 A feta a habile ditjotjeleng. 17 "Mosadi, ema moo re bue ke a tsamaya, 18 Ke bona o nkgahla o le boreledi, 19 Fahleho eka sa lebikitshana hantle, 20 Sa banana ba Matshekgeng, dithojane". 21 A ke le boneng Raleqheka dirope boputswa! 22 O shobile mese meomo e dutse lepalapaleng, 23 Potongwane di entse mafito tsa Nare, 24 Potongwane tsa mosadi enwa ke tse jwang, banna?
DIPOTSO:
Bolela mofuta wa phetapheto e hlahellang molathothokisong wa 11.
Qoholla lentswe le totobatsang tlohelo molathothokisong wa 19.
Lebaka la sethothokisi la ho sebedisa lebotsi, qetellong ya mola wa 24, ke lefe?.
Se buuwang ke Raleqheka, meleng ya 3 le 4, ke ntlha kapa ke mohopolo feela? Qoholla/ntsha molathothokiso o le mong feela thothokisong o tiisang/ dumellanang le karabo ya hao.
Ke mokgabisopuo ofe o hlahiswang temanathothokisong ya bobedi (meleng ya 9-12)?
O ntse o ipapisitse le thothokiso ena, hlalosa ka tsela e kgodisang kamoo mokgabisopuo oo o hlahellang ka teng temathothokisong eo.
Matshwao:
KAPA
POTSO YA 3
THOTHOKISO YA 3 Bala qotso ena ya thothokiso ka tlhoko, ebe o araba dipotso tse tla e latela:
Peo ena [P.M. Ramathe] 1 Ka mehla le matsatsi o a tsetsela, 2 O tsetselela kgotso o kopa tokoloho, 3 O kopa nyene le bosiu, 4 O qela ka qenehelo le ka kgauhelo. 5 O lla ka mehla ka leeme, 6 O re leeme le a busa kgotso le tokoloho ha di yo, 7 O bua ka leeme betsa tsa babusi, 8 O re leeme ke tlhaka phatleng tsa marena. 9 Ka mehla o ngongoreha ka kgatello, 10 O re ba kojwana di mahetleng ba tujwa, 11 Ba tlatlapuwa ho tsa bona ditokelo, 12 Empa o lebala hore peo ena e jetswe ke wena. 13 Kajeno o thuube ha e na tsatsa, 14 O hloka tao o hloka bodulo, 15 O lebetse lefa o nyahladitse lefatshe, 16 E, hoba moahamoriti ha a o dule... 17 Peo ena e jetswe ke nna ke wena, 18 Le hoja o ipotsa o hloka dikarabo, 19 O lla se bohloko sello, 20 Empa nnete ya sala, mojadi ke Ntate molemi ke wena.
DIPOTSO:
Nehelana ka mofuta wa phetapheto e hlahellang meleng ya 1 le 2.
Bolela lebitso la mokgabisopuo o hlahellang molathothokisong wa 6.
O ka re sethothokisi se ngotse thothokiso ena ka maikutlo a jwang? Ke mola ofe o dumellanang le karabo ya hao?
Qoholla molathothokiso o le mong moo ho hlahellang anastrofi (tatellano e sa tlwaelehang ya mantswe moleng/polelong). O be o hlalose bohlokwa/molemo wa yona molathothokisong oo.
Qoholla molathothokiso o le mong moo ho hlahellang kganyetso/kganyetsano, o be o hlalose bohlokwa/molemo wa yona molathothokisong oo.
Matshwao:
KAPA
POTSO YA 4
THOTHOKISO YA 4 Bala qotso ena ya thothokiso ka tlhoko, ebe o araba dipotso tse tla e latela.
Kodiamalla [T. Leballo] 1 Boko sa phohomela sa hlaba hodimo, 2 Boko sa lopalla sa kena ha Modimo, 3 Meokgo ya keleketla fahlehong tsa batho, 4 Keledi tsa rotha marameng a bana ba batho, 5 Masodi a maswabi a iphetola melatswana, 6 Kgapha tsa tsharelo tsa iphetola diphororo. 7 Kajeno kgwedi e apohetswe ke maru; 8 Kajeno raka le shwetswe ke molebo; 9 Bana kajeno ke dikgutsanakgudu; 10 Bana kajeno ke bohloma o hlomolle; 11 Bana ke metwaitwai bothuube ha e na tsatsa. 13 Natla se kile sa tswala poho tse melala e thata; 14 Natla sa tswala dikwankwetla, dikwakwariri sebele; 15 Natla sa tswala mafantsatsa, bomphakalophele; 16 Atleng tsa sona batho ba kile ba nwa thuto; 17 Atleng tsa sona batho ba monne kgekge ya thuto sebele; 18 Atleng tsa sona ba kgola thuto tholwana ya bophelo.
DIPOTSO:
Mofuta ona wa thothokiso o tsejwa ka letshwao lefe le leholo?
Sethothokisi se ngotse thothokiso ena ka maikutlo a jwang?
Ke molathothokiso ofe o re tsebisang hore bana ha ba na bodulo bo tsitsitseng temanathothokisong ya 2 (meleng ya 7 - 11)?
Bolela ntho e le nngwe feela eo e leng sephetho/ditlamorao tsa ketsahalo eo ho buuwang ka yona thothokisong ena.
Letshwao la ho bala le fumanwang hara molathothokiso wa 14 le bitswa eng? Bohlokwa ba lona molathothokisong oo ke bofe?
Melathothokisong ya 7 le 8 ho na le mofuta ofe wa phetapheto? Nehelana ka lebaka la karabo ya hao.
Matshwao:
ELA HLOKO: Dipotsong tsena tse pedi tsa ho qetela (POTSO ya 5 le POTSO ya 6), mohlahlobuwa O TLAMEHA maoto le matsoho hore a kgethe mme a arabe potso e le NNGWE feela; haeba mohlahlobuwa a kgetha ho araba Potso ya 5, a se tswele pele ho araba Potso ya 6. Ebang le teng a sa etse kgetho e jwalo, a kgethile ho araba Potso ya 6, a se arabe Potso ya 5. Kgetha mme o arabe POTSO YA 5 kapa POTSO YA 6.
POTSO YA 5: Araba POTSO ya 5 kapa POTSO ya 6.
THOTHOKISO YA 5 Bala thothokiso ena ka tlhoko, ebe o araba potso e tla e latela.
Leribe [K.E. Ntsane] 1 Leribe le letshwana 2 La Mmamosa le Molapo, 3 Batho ba teng dipelo ha se ho tshwana, 4 Bana ba Mohato ba metse methapo. 5 Botle ba hao, Leribe, ke bo jwang? 6 Dithaba le maralla eka dithotho; 7 Kobo o apere ya bo botala jwang?; 8 Diphula di ahlame se ka diroto. 9 Thaka tsa Mokutu, le se nna le itella, 10 Le tswetswe forong sa 'Dinare'. 11 Leribe ke tata la rauduudu, le ka fella; 12 Bata di fedile, ho setse 'Dinare'. 13 Molapo o siile mekwallo e thata, 14 A re ho kwallwe ka thata, 'Nare di none; 15 Jwale di a fula ba tshwere bothata. 16 RaLeribe, tona mahlo o re bone!
DIPOTSO:
Hlalosa makgabane/dihlomo/dibetsa tsa bothothokisi tseo sethothokisi se di sebedisitseng thothokisong ena. Karabong ya hao o qoqe ka makgabane a seng ka tlase ho a mararo mme o be o totobatse bohlokwa ba makgabane ao thothokisong ena. Bolelele ba karabo ya hao e be mantswe a ka bang 250 - 300.
Matshwao:
KAPA
POTSO YA 6 Araba Potso ena ya 6, HAEBA o sa ka wa araba POTSO ya 5 e ka hodimo.
THOTHOKISO YA 6 Bala thothokiso ena ka tlhoko, ebe o araba dipotso tse tla e latela.
Marothodi a letsatsi [R.N. Phume] 1 Letsatsi ka leng nnete sebele, 2 Le na le marothodi a lona; 3 Ohle, kaofela a taolong ya hao, 4 Ohle, kaofela a atleng tsa hao. 5 Se dumelle ke hona, 6 Hana o latole bosehla, 7 Ha le rothela marothoding a hosasa; 8 A kajeno a teane le a hosasa. 9 Lena la maobane hosasa, 10 Le fetoha qhubu la kajeno; 11 Qhubu le tla nka wena, 12 Hoba ke rothodi la maobane. 13 Di etse o di qete, o di phethele 14 Di phethele kajeno; ke tsa kajeno; 15 Manna, le tla bokeletsa a kajeno, 16 Hosasa, nnete a tla bola; ke a kajeno. 17 Mpa e jeleng e sasabetse, 18 E sasabetse, e kgotshe tsa kajeno; 19 Hosasa, e phathahane lephako, 20 Hosasa, mala a duma a batla tsa kajeno.
DIPOTSO:
Lebitso la thothokiso ena ke 'Marothodi a letsatsi'. Lebitsong lena ho sebedisitswe mokgabisopuo ofe?
Hlalosa ka mantswe a hao mohopolo o melathothokisong ya 9 le 10.
Thothokiso ena ke ya mofuta ofe? Hobaneng o realo?
Thothokiso ena e tsosa/qholotsa maikutlo a jwang ka hare ho wena? Hobaneng o realo?
Matshwao:
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A
KAROLO YA B
ARABA POTSO YA BUKA EO O ITHUTILENG YONA FEELA KAROLONG ENA.
Haeba o kgetha ho araba mofuta wa POTSO e TELELE (ya moqoqo) ho KAROLO ya B, o tlameha ho kgetha mofuta wa DIPOTSO tse KGUTSHWANE ho KAROLO ya C. Ebang o sa etse kgetho e jwalo, o araba mofuta wa dipotso tse kgutshwane ho Karolo ya B, teng jwale o tlameha ho araba mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) ho Karolo ya C. Sena se bolela hore qetellong ya ditaba o tlameha ho araba potso e le NNGWE ya mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) le potso e le NNGWE ya mofuta wa dipotso tse kgutshwane.
POTSO YA 7
PADI/NOBELE: BOTSANG LEBITLA (K.P.D. Maphalla)
Sekaseka kgohlano ya pale ena. Bolelele ba karabo ya hao e be mantswe a ka bang 400 ho isa ho a 450. Ipapise ka dintlha tse latelang moqoqong wa hao:
Diketsahalo tse butswelang/fehlang kgohlano ena
Diketsahalo tse pedi tse bontshang hore kgohlano ena e ile ya nama le ho qaphaletsa/ama le batho ba neng ba sa amehe qalehong ya pale.
Matshwao:
KAPA
POTSO YA 8
PADI/NOBELE: BOTSANG LEBITLA (K.P.D. Maphalla)
Bala seratswana sena ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla se latela.
Empa nkgono," ho kena Kgutso a se a ntse a ingwaya hlooho ke ho elellwa bothata ba qaka ena. "Taba ena o tlamehile ho e tseba, nkgono. O motho wa kgale. Ha o motho wa kajeno mona. Haeba ho na le motho ya tlamehileng ho tseba ditaba tsena, motho eo ke wena". Le se ke la ba la nteka, la nkenya ditabeng bana ba ka," ho realo mosadimoholo, a se a bile a fehelwa ha bohloko. "Ke itsofaletse nna bana ba ka. Ha ke sa lakatsa ho kena ditabeng ke se ke le mokaana. A ke le ntloheleng nna, ke tle ke itjhwelle ka kgotso. Ke a le kopa hle!" "Re ke ke ra o tlohela o sa ka wa re bolella nnete, nkgono. Re bolelle nnete, nkgono". Mosadimoholo a ema, a nanabela seikokotlelo sa hae, a ikokotlela ho leba phaposing e ka hare. Ha a fihla monyako a hetla, yaba o re ho bashanyana bana ba bararo: "Bana ba ka, ke le arabile, ho ntekane. Haeba le batla karabo e fetang ena ya ka, botsang lebitla". Yaba mosadimoholo o ikwalla ka phaposing ya hae, o a kgaohana. Empa ka pelo a bua dikakata.
DIPOTSO:
Ntle ho Tsietsi le Kgutso ke mang e mong ya neng a le teng kopanong ee?
Taba eo ho thweng mosadimoholo o a e tseba ke efe?
Karabo ena ya mosadimoholo: "Le se ke la ba la nteka, la nkenya ditabeng bana ba ka", e senola sefe ka mosadimoholo tabeng ee?
Basotho ba re: "tsa habo moshanyana ha di jewe". Paleng ena, qoholla ketsahalo e le nngwe e netefatsang polelo ena.
Ho latela puisano ena ya boTsietsi le mosadimoholo, o ka re diketsahalo tsa pale ena ke tsa mehleng efe? Hobaneng o realo?
Ntle ho kopano ena ya bona le mosadimoholo, ke ketsahalo efe e nngwe hona kgaolong ena e netefatsang karabo ya hao e ho POTSO 8.4?
Hlalosa hakgutshwane tikoloho eo ketsahalo e qotsong e ka hodimo e etsahallang ho yona.
Hlalosa ka dintlha tse tharo (ka mela e sa feteng e 5) kamoo Tsietsi a ileng a thoba sepetlele ka teng.
Sehloohong sa "Tseleng yena o bolaetsweng?", totobatsa ka dintlha tse tharo (ka mela e sa feteng e 5) kamoo maikutlo a Tsietsi a neng a amehile kateng.
Matshwao:
KAPA
POTSO YA 9
Qoqa ka kgohlano e hlahelang paleng ena o ipapisitse ka dintlha tsena tse latelang. Bolelele ba karabo ya hao e be mantswe a ka bang 400 ho isa ho a 450.
Kgohlano ya ka hare e hlahellang ho Diepollo ka baka la ho bona lefatshe le hloka nnete.
Matshwao:
KAPA
POTSO YA 10
Bala seratswana sena ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla se latela:
Ke tsamaile jwalo, eitse ha ke ya ke shebile motseng ka utlwa motho ya hoeletsang hara masimo. Lentswe la hae le ne le utlwahala e le la mosadi, motho wa teng ke ne ke sa mmone le ho mmona feela ka utlwa eka o hoeletsa nna. Ke ne ke tsamaya hara masimo ka nako eo ho neng ho le lekgaba ka hoo ke ne ke sa bolokeha le hanyenyane. E ne e se ntho e tlwaelehileng hore ngwanana wa dilemo tsa ka ebe o ntse a tsamaya sebakeng se jwalo le hona a le mong. Naha e ne e jele boya, ho ne ho tletse diretlo, banana le basadi ba betwa, ntho tse mpe kaofela di ne di dula di etsahala. Jwale ke ne ke tiile sebete feela hobane ke ne ke tsamaya e le motsheare. Ka ema ka qamaka hore ke tle ke bone motho enwa ya hoeletsang. "He-e-i! Ngwanana ye! Ema moo, nkemele moo ngwanaka!" Qetellong a hlahella motho enwa ya ntseng a nkgoeletsa. Mona teng ke ne ke sa tshoha hore nka kopana le motho ya tsebang malome Theko, ya tswang Lekokoaneng hobane ke ne ke se ke dikelletse le motse wa heso. Ha hlaha setsohatsana tjena seo ke sa tsebeng hore na mosadimoholo o ne a behwa ke eng ka nako eo masimong a bile a tsamaya a le mong. Ha ke mmotsa a re o ne a tlilo tshosa. Teng ke nnete ha lehwetla le sa tswa thwasa ke nako eo batshosi ba tsohellang masimong esale ka meso. Ha dikgomo di tlwaela makgulo ebe e le hona ba kgutlelang mahae. E ne e se e le motsheare wa lengeta. Motshosi o tshwara tswibila kapa moropanyana oo e reng ha a o letsa, o etse lerata ho balehisa dinonyana hore di se je mabele a matjha masimong. Le ha ho le jwalo, ntho e neng e mmakatsa ke ya hore mosadimoholo yena o ne a sa tshwara letho le supang hore o tswa tshosa.
DIPOTSO:
Hantlentle ntata Diepollo ke mang?
Ha Diepollo a fihla hae Mahlwenyeng, ke ditaba dife tse bosula tseo a ileng a di fumana?
Lebaka le entseng hore Diepollo a se holele habo ke lefe?
Nakong eo Diepollo a neng a ntse a ipatile ha moruti, ke sefe seo a ileng a se tseba ka Mothofeela? Fana ka ntlha e le NNGWE.
Sebonwang se bonwa ke bohle". Mantswe ana a ne a bitsetsa batho hokae mme le hona ho ne ho thwe ba tlo bona eng?
Mohla Diepollo a neng a tloha ha mosadimoholo ke dintho dife tseo mosadimoholo a ileng a mo fa tsona? Bolela tse PEDI feela.
Hara dintho tseo nkgono a neng a mo file tsona ke efe eo re ka reng e ne e le ya bohlokwa ho di feta? Hobaneng o realo?
Bitsolebe ke seromo. Ka dintlha tse pedi totobatsa sena ka ho hlalosa semelo seo Mmapelepele a neng a le sona.
Nehelana ka ntlha tse pedi tse neng di ka belaetsa Diepollo hore nkgono e ne e hlile e le moloi?.
Ho se tsebe ke lebote" Bontsha kamoo maelana/sekapolelo sena se netefatsang kamoo kamano ya Diepollo le Dikenkeng e neng e le ka teng.
Matshwao:
KAPA
POTSO YA 11
Qoqa ka kgohlano ya pale ena mme bolelele ba moqoqo wa hao e be ba mantswe a 400-450 o itshetlehile ka dihlooho tseo o di filweng mona:
Kgohlano dipakeng tsa Dikeledi le Tsekiso mohlankana wa hae wa pele;
Kgohlano pakeng tsa Mmateboho/Dikeledi le ba bohadi ba hae ba Matatiele ba neng ba tlile phupung ya Mme.
Matshwao:
KAPA
POTSO YA 12
Bala diratswana tse latelang o ntano araba dipotso tse di latelang ekasitana le tse thehilweng pading yohle:
Tsa kgutla difefo tsane tsa mohla monene. Ha qala maru a matsho, a fifetseng, a tla ka matla a hlaha Borwa, a qhojwa ke moya o matla, o hlabang habohloko eka le kgethehile ka Foreisetata le Lesotho. E ne e le moya o mona oo e reng ha Basotho ba o hlalosa ba re Morwa o bohlile ka letheka. Maru a thiba letsatsi, yaka bosiu athe e sa le hoseng. Pitsa tsa tloswa ka ntle, tsa kenngwa ka hara motlotlwana wa masenke o neng o ahilwe ka morao ka jareteng habo. Ya qala ho tsholoha le pele ba qeta, ya ba kgaoletsa. Ya tsholoha pula, ena ke ya medupe e sa tlo kgaotsa kajeno lena. Lehadima le lona la laima le sa tswa laima, maru a thwathwaretsa habohloko. Tsena tsohle tsa tetebetsa Dikeledi moyeng le ho feta. A hopola mantswe ohle a mmisi Lekena, ao a neng a sa ka a a utlwa ha a ne a buuwa, athe moya ona o ya a utlwa. A nna a rotha ka bonngwe, polelo ka mora polelo, mme moelelo wa ona o ntse o hlaka, ho fihlela a mo kganyetsa hantle, a ba a bona moo a neng a lebisitse teng. Poropotlwana tsane tsa hae tsa bana a bona e se e le ntho disele.
DIPOTSO:
Mmisi Lekena ke mang?
Maikemisetso a Dikeledi ka mora ho qeta materiki e ne e le ho ya yunivesithing efe? O ne a batla ho ya ithutelang?
Hlalosa lebaka le ileng la etsa hore Dikeledi a ngolle mohlankana wa hae molaetsa o reng o kopa hore ba kopane ha sekolo se se se tswile.
Ke pherakano efe e ileng ya ba teng e bakilweng ke batho ba neng ba tlilo kopa mohope wa metsi habo Dikeledi?
Ho latela ditaba tsa pale ee, na dipolelo tse sehetsweng mela qotsong e ka hodimo, di na le hoo di ho nohang kapa di ho dupang? Nehelana ka lebaka la karabo ya hao.
Qalehong mmisi Lekena o ne a sa kgolwe ditaba tseo a di utlwileng ka ho nyalwa ha Dikeledi. Hlahisa feela dintho tse PEDI tse neng di etsa hore a nahane tjena.
Ketsahalo ya hore Dikeledi a bolelle ntate Mofokeng ka sepatjhe sa hae seo a ileng a se thola e senola eng ka semelo sa hae?
Nakong eo Tsekiso a neng a ngometse letsoho la Dikeledi ha a mo fereha, hobaneng Dikeledi a ile a mo thetsa ka ho re titjhere Masitha o a tla?.
Se ileng sa utlwisa Dikeledi bohloko nakong eo Tsekiso a neng a mmolella ka molomo hore ba tla kopanela pela habo Mmankileng ke sefe?
Hlalosa hore ke ka baka la eng ha Dikeledi a ile a dumela ho nyalwa ke monna wa komponeng eo a neng a mmitsa kwata, a bile a sa ratane le yena.
Matshwao:
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B
KAROLO YA C
ARABA POTSO YA BUKA EO O ITHUTILENG YONA FEELA KAROLONG ENA.
Haeba o ile wa kgetha ho araba mofuta wa POTSO E TELELE (ya moqoqo) ho KAROLO ya B, jwale o tlameha ho araba mofuta wa DIPOTSO TSE KGUTSHWANE ho KAROLO ena ya C. Athe haeba ha o a ka wa etsa jwalo, o arabile mofuta wa potso e kgutshwane ho Karolo ya B, jwale o tlameha ho araba mofuta wa potso telele (ya moqoqo) ho Karolo ya C. Sena se bolela hore qetellong ya ditaba o tlameha hore o be o arabile potso e le NNGWE ya mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) le potso e le NNGWE ya mofuta wa dipotso tse kgutshwane.
POTSO YA 13
Mme Mpolaye: Qoqa ka kgohlano e hlahelang tshwantshisong ena, "Mme mpolaye" mme bolelele ba moqoqo wa hao e be ba mantswe a 400-450 o itshetlehile ka dihlooho tse latelang:
Selelekela 13.1 Kgolo (ya ditaba)
Matshwao:
KAPA
POTSO YA 14
Bala qotso ena e latelang ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla e latela.
Ha le thakgiswe Sebuweng: O a makatsa ka nnete. Toro! Na ka nnete ke toro e ka etsang hore o hanelle ka dikobong ho fihlela ka nako ee? A o ke o mphetele tsa toro eo ya hao ke di utlwe! Kotopi: Ke lorile ntate le ntatemoholo ba nketetse, mme taba e nthabisang ke ena ya hore ba ne ba bonahala ba thabile. Sebuweng: Tjhe, bao bona e ne e le batho ka nnete. Mosotho ka bona o ne a nepile ha a ne a re sejana se setle ha se jele. Batho ba neng ba rata borapedi, motho mohla a sa yang kerekeng e le ka mabaka a utlwahalang.
DIPOTSO:
Bolela ntho e le nngwe e neng e thabisitse Kotopi torong eo ya hae.
Toro ena ya Kotopi e ile ya baka ho se utlwane/qabang pakeng tsa hae le Sebuweng. Hantlentle se neng se baka hore ba se ke ba utlwana ke sefe?
Ke sefe se neng se etsa hore maikutlo/ntlhakemo ya Sebuweng e fapane le ya Kotopi tabeng eo e neng e ba qabanya?
Ke ketsahalo efe terameng ee, e bontshang ntle le pelaelo hore Sebuweng o ne a fela a sa batle Makau le moo a hatileng?
Ho latela diketsahalo terameng ee, o ka re Makau ke sebapadi sa mofuta ofe? Hobaneng o realo?
Kgohlano e neng e le pakeng tsa Kotopi le Sebuweng ke ya mofuta ofe? Nehelana ka lebaka la karabo ya hao.
Ho latela ditaba tsa tshwantshiso ee, Kotopi o ile a makatswa ke sefe torong eo ya hae? Hobaneng seo se ne se mo makatsa?
Ho latela ditaba tsa tshwantshiso ee, na o ka re tumelo (bodumedi) e na le seabo diqetong tseo batho ba di etsang bophelong? Hobaneng o realo?
Hlalosa hore polelo ena, ' ngwana mahana ho jwetswa o bonwa ka dikgapha', e dumellana jwang le diketsahalo tsa terama ee?
Matshwao:
KAPA
POTSO YA 15
Qoqa ka kgohlano e hlahelang tshwantshisong ena, mme bolelele ba moqoqo wa hao e be ba mantswe a 400-450 o itshetlehile ka dihlooho tse latelang:
Selelekela; 15.2 Kgolo (ya ditaba).
Matshwao:
KAPA
POTSO YA 16
Bala puisano ena e pakeng tsa dibapadi tsena tse pedi ebe o araba dipotso tse e latelang le tse amanang le tshwantshiso/terama yohle.
Kgolwane: Ebe tshebetso ya hae e jwang ha e le mo ho bonahala hore re tlameha ho ya dihela dikgala? Sware, ke botsa tjena hobane Molefi le yena o lokela ho ba le seabo bohading ba hae. Pitso: Tjhe, tshebetso ya hae e ntle haholo sware. Molefi ke motho ya tsebang ho tshwara tjhelete. Be, ke lebetse le ho o bolella hore ditulo tsena tsa soufa tseo re di dutseng di rekilwe ke yena! Kwana ke dumellana le wena sware hobane hono ho tla mo ruta boikarabelo. Hao! Jwale ke eng ho kang ntho kantle? Ere ke thee tsebe ke mamele. Nxa, ke a bona ke ne ke utlwa ditsebe tsa ka. Sware, nna ke ne ke re ke tla ntsha dikgomo tse nne ke be ke jare ditshenyehelo tsohle tsa mokete
DIPOTSO:
Kantle ho dibapadi tsee tse pedi, ke sebapadi sefe se sa hlahiswang kgolong ee ya puisano e ka hodimo?
Sebapadi seo o se boletseng ho POTSO 16.3, se amana jwang le Molefi?
Hlalosa hakgutshwanyane sepheo sa kopano ena ya dibapadi tse hlahellang qotsong e ka hodimo.
Kgarebe ya Molefi e amehang ditabeng tsee ke mang?
Molefi ha a se a bitsitswe mme a bolelletswe ka seo ho qetilweng ka sona, o arabela ka ho reng mme o tshehetsa ka lebaka lefe?
A ke o hlalose hakgutshwanyane mabaka a ho menoha hona ha Molefi. Bolela a MANE feela.
Sebapadi se hlahellang moo se neng se nwele mme se robetse ka ntle ke mang?
Sebapadi see se boletsweng ho POTSO 16.9 se bua mantswe ana: "E a bela pitsa ena. Nengneng e tla bela e le ha e lokela ho fahwa". Ho latela ditaba tsa tshwantshiso ee, see se dupa kapa ho noha eng?
Ho ya ka kutlwisiso ya hao ya ditaba tsa terama ena, o ka re kgohlano e thehilwe hodima eng?
Ho ya ka moo maloma Molefi a hlalosang Sesotho kateng, ke sefe seo ba habo Molefi ba lokelang ho se etsa ha e le moo Molefi a se a kwenehetse kgarebe ya hae?
Matshwao:
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C:
MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA:
